Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 29:27, 28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ramong ea tlhomamiso+ eo ho ileng ha nyeheloa ka eona bakeng sa Arone le bara ba hae, u halaletse sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto la karolo e halalelang e leng tse ileng tsa tsokoa le tseo ho ileng ha fanoa ka tsona. 28 Ke karolo e halalelang, e be ea Arone le bara ba hae. E ke e be molao o tla lula o le teng o tla phethoa ke Baiseraele. E be karolo e halalelang eo Baiseraele ba tla fana ka eona+ bakeng sa Jehova e tsoang mahlabelong a bona a kopanetsoeng.+

  • Numere 18:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Jehova a tsoela pele ho bua le Arone a re: “Ke u fa boikarabelo ba ho hlokomela menehelo eo ke e etsetsoang.+ Ke file uena le bara ba hao karolo ea lintho tsohle tse halalelang tseo Baiseraele ba faneng ka tsona e le kabelo eo le tla lula le e fumana.+

  • Deuteronoma 18:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Joale tsena ke lintho tseo sechaba se lokelang ho li fa baprista: Mang kapa mang ea etsang sehlabelo ebang ke ka poho kapa ka nku, a fe moprista sephaka, mehlahare le moholu.

  • Ezekiele 44:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Ke bona ba tla ja nyehelo ea lijo,+ nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato+ ebile lintho tsohle tse filoeng Molimo Iseraele e tla ba tsa bona.+

  • 1 Bakorinthe 9:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Na ha le tsebe hore banna ba sebetsang tempeleng ba ja lintho tseo batho ba li tlisang tempeleng le hore ba sebetsang aletareng ba fumana karolo ea lintho tse nyeheloang aletareng?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela