-
Numere 5:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Haeba monna a boulela ’me a belaela hore mosali oa hae ha aa mo tšepahalla ebang mosali oa hae o itšilafalitse kapa che, 15 monna eo a tlise mosali oa hae ho moprista ’me a mo tlise hammoho le nyehelo e tla fanoa bakeng sa hae, e leng lilithara tse peli* tsa phofo ea harese. A se ke a e tšela ka oli kapa a beha libano tse tšoeu holim’a eona hobane ke nyehelo ea lijo* ea poulelo, nyehelo ea lijo e hopotsang phoso.
-