Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 30:4-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 A mo fa Bilha mosebeletsi oa hae hore e be mosali oa hae ’me Jakobo a robala le eena.+ 5 Bilha a ima ’me ha nako e fihla a tsoalla Jakobo mora. 6 Ragele a re: “Molimo e bile moahloli oa ka hape o mametse lentsoe la ka eaba o mpha mora.” Ke ka lebaka leo Ragele a ileng a mo reha Dane.*+

  • Genese 46:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Mora* oa Dane+ e ne e le Hushime.+

  • Numere 2:25, 26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Dane se be ka leboea ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Dane ke Akiezere+ mora oa Amishadai. 26 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 62 700.+

  • Numere 10:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ka mor’a moo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Dane sa tloha ka lihlopha tsa sona.* Ba ne ba le ka morao ’me ba sirelelitse lihlopha tse ling kaofela ’me Akiezere+ mora oa Amishadai o ne a okametse sehlopha seo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela