53 Balevi ba lokela ho hloma litente tsa bona ho potoloha tabernakele ea Bopaki e le hore ke se ke ka halefela sechaba sa Baiseraele.+ Ke bona ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela* tabernakele ea Bopaki.”+
32 Hlooho ea likhosana tsa Balevi e ne e le Eleazare+ mora oa moprista Arone, eo e neng e le molebeli oa ba hlokomelang mesebetsi ea sebaka se halalelang.
4 Ba tla u thusa ’me ba etse mesebetsi ea bona e amanang le tente ea pokano le tšebeletso eohle ea tente. Motho ea sa lumelloang* a se ke a le atamela.+