32 Empa ho sa tsotellehe tsena tsohle, ha lea ka la tšepa Jehova Molimo oa lona+ 33 ea neng a le etella pele tseleng ho ea le batlela sebaka seo le ka hlomang litente ho sona. O ne a le etella pele ka mollo bosiu le ka leru motšehare hore le bone tsela eo le tla tsamaea ka eona.+