-
Numere 28:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Qalong ea khoeli* ka ’ngoe le tlisetse Jehova nyehelo ea secheso ea lipohoana tse peli, ramo e le ’ngoe le likonyana tse tona tse supileng tse phetseng hantle, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo.+ 12 Pohoana ka ’ngoe e tlisoe le lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ Ramo e tlisoe le lik’hilokramo tse ka bang peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.+
-
-
Numere 29:6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Nyehelo ena e lokela ho tlisoa ho phaella ho nyehelo ea secheso ea khoeli le khoeli le nyehelo ea eona ea lijo,*+ nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo*+ hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno,+ ho ea ka mokhoa o tloaelehileng, e le monko o monate,* nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo.
-