Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 22:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 A romela baromuoa hore ba bitse Balame mora oa Beore sebakeng sa Pethore,+ se pel’a Noka* e naheng ea habo a re: “Ho na le sechaba se tsoileng Egepeta. Se koahetse lefatše*+ ’me se lutse ka pel’a ka. 6 Joale ka kopo, tloo u bitsetse sechaba sena bomalimabe bakeng sa ka+ kaha se matla ho mpheta. Mohlomong nka se hlola ’me ke se leleke naheng hobane ke tseba hantle hore eo u mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse ’me eo u mo bitsetsang bomalimabe o oeloa ke bomalimabe.”

  • Numere 23:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Joale Balame a bua maele ana a reng:+

      “Balake morena oa Moabe o ntlositse Arame,+

      Ho tloha lithabeng tsa bochabela:

      ‘Tloo u bitsetse Jakobo bomalimabe bakeng sa ka.

      Tloo u nyatse Iseraele.’+

  • Numere 23:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Eaba Balake o re ho Balame: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Ke u tlisitse mona hore u tl’o bitsetsa lira tsa ka bomalimabe empa uena u li hlohonolofalitse.”+

  • Numere 24:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Eaba Balake o halefela Balame. Balake a opa liatla a halefile eaba o re ho Balame: “Ke u bitselitse hore u bitsetse lira tsa ka bomalimabe+ empa uena u li hlohonolofalitse ka makhetlo ana a mararo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela