-
2 Petrose 2:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Ba khelositsoe hobane ba lahlile tsela e nepahetseng. Ba khethile ho etsisa Balame+ mora oa Beore ea ileng a etsa sebe hobane a khalletse ho fumana moputso+ 16 empa a khalemelloa ho tlola molao.+ Tonki e sa tsebeng ho bua e ile ea bua ka lentsoe le kang la motho e le hore e thibe moprofeta eo hore a se ke a etsa ntho e se nang kelello.+
-