-
Numere 22:16, 17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Tsa fihla ho Balame ’me tsa re ho eena: “Balake mora oa Zipore o itse, ‘Ke kopa hore u se ke oa lumella letho ho u thibela ho tla ho ’na 17 hobane ke tla u fa moputso o moholo ’me ke tla etsa ntho leha e le efe eo u reng ke e etse. Kahoo, ka kopo tloo ’me u bitsetse sechaba sena bomalimabe bakeng sa ka.’”
-