-
Numere 21:33-35Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
33 Ka mor’a moo, ba tsamaea ka Tsela ea Bashane. Oge+ morena oa Bashane a tsoa le batho bohle ba hae ho ea ba loantša motseng oa Edrei.+ 34 Jehova a re ho Moshe: “U se ke oa mo tšaba+ hobane ke tla fana ka eena le batho bohle ba hae le naha ea hae letsohong la hao+ ’me u tla mo etsa seo u neng u se etse Sihone morena oa Baamore, ea neng a lula Heshbone.”+ 35 Kahoo, ba ’na ba mo loantša hammoho le bara ba hae le batho bohle ba hae, ho fihlela batho bohle ba hae ba shoele+ eaba ba hapa naha ea hae.+
-