-
Joshua 1:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Basali, bana le liphoofolo tsa lona li tla lula naheng eo Moshe a le fileng eona ka lehlakoreng lena* la Jordane.+ Empa lona banna bohle ba matla+ le lokela ho tšela le hlophisehile joaloka lebotho la ntoa ka pel’a bana ba bo lona.+ Le thuse bana ba bo lona 15 ho fihlela Jehova a etsa hore ba lule ba sireletsehile joaloka lona, ho fihlela le bona ba fumane naha eo Jehova Molimo oa lona a ba fang eona. Ka mor’a moo, le tla khutlela naheng eo le e fuoeng e leng naha eo Moshe mohlanka oa Jehova a le fileng eona ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane.’”+
-