Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 15:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ke molimo ofe har’a melimo ea joaloka uena, Jehova?+

      Ke mang ea joaloka uena, ea halalelang ka ho fetisisa?+

      U lokela ho tšajoa le ho rorisoa ka lipina, uena ea etsang lintho tse makatsang.+

  • 2 Samuele 7:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ke ka lebaka leo u leng moholo+ Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Ha ho na ea tšoanang le uena+ ’me ha ho Molimo ntle ho uena.+ Lintho tsohle tseo re li utloileng ka litsebe tsa rona li paka sena.

  • 1 Marena 8:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 a re: “Jehova Molimo oa Iseraele, ha ho na Molimo ea tšoanang le uena+ holimo maholimong kapa tlase lefatšeng. U tšepahalla selekane sa hao ebile u bontša bahlanka ba hao ba u sebeletsang ka lipelo+ tsohle hore oa ba rata.*+

  • Pesaleme 86:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Ha ho na molimo ea tšoanang le uena Jehova,+

      Ha ho na ea entseng lintho tse tšoanang le tseo u li entseng.+

  • Jeremia 10:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ha ho ea tšoanang le uena Jehova.+

      U moholo le lebitso la hao le leholo ebile le matla.

       7 Ke mang ea sa lokelang ho u tšaba, uena Morena oa lichaba?+ U lokela ho tšajoa.

      Har’a batho bohle ba bohlale ba lichaba le har’a mebuso eohle ea bona,

      Ho hang ha ho ea tšoanang le uena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela