-
Genese 12:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ea heno, ho ba leloko la hao le ntlong ea ntate oa hao, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.+ 2 Ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale ’me batho ba tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hao.+ 3 Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke bitsetse bomalimabe ba u bitsetsang bomalimabe.+ Malapa ’ohle a lefatšeng a tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hao.”+
-
-
Genese 22:15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekhetlo la bobeli le le maholimong,
-
-
Genese 26:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Lula naheng ena u le molichaba,+ ke tla ba le uena ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla fa uena le bana* ba hao linaha tsena kaofela+ ’me ke phethahatse kano eo ke e entseng ho ntate oa hao Abrahama+ ha ke ne ke re: 4 ‘Ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo+ ’me ke tla ba fa linaha tsena tsohle.+ Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la bana* ba hao’+
-