-
Numere 21:23, 24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Empa Sihone ha aa ka a lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea hae. Ho e-na le hoo, Sihone o ile a bokella batho bohle ba hae ’me a tsoa ho ea loantša Baiseraele lefeelleng ’me a fihla Jahaze eaba o qala ho loana le Baiseraele.+ 24 Empa Baiseraele ba ile ba mo hlola ka sabole+ ’me ba hapa naha+ ea hae ho tloha Arnone+ ho ea Jaboke,+ haufi le Baamone hobane Jazere+ ke moeli oa naha ea Baamone.+
-
-
Joshua 12:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Ana ke marena a naha ao Baiseraele ba ileng ba a hlola, ao ba ileng ba nka naha ea ’ona ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane ho tloha Khohlong ea Arnone+ ho fihlela Thabeng ea Hermone+ le Araba eohle ka bochabela:+ 2 Morena Sihone+ oa Baamore, ea neng a lula Heshbone o ne a busa motse oa Aroere,+ o neng o le lebopong la Khohlo ea Arnone.+ Sebaka sohle ho tloha bohareng ba Khohlo ea Arnone ho ea fihla Khohlong ea Jaboke se ne se busoa ke eena. O ne a busa halofo ea Gileade. Khohlo* ea Jaboke e ne e boetse e le moeli oa Baamone.
-