6 E-re ho Baiseraele, ‘Ke ’na Jehova ’me ke tla le lokolla mosebetsing o boima oa Baegepeta, ke le pholose bokhobeng ba bona.+ Ke tla le ntša ka letsoho la ka le matla* le ka likotlo* tse kholo.+
3 Moshe a re ho sechaba: “Hopolang letsatsi lena leo le tsoileng Egepeta ka lona,+ ntlong ea bokhoba hobane Jehova o le ntšitse teng ka letsoho le matla.+ Ho se ke ha jeoa letho le nang le tomoso.
14 Haeba mora oa hao a u botsa hamorao a re, ‘Ke hobane’ng ha u etsa see?’ U tla re ho eena, ‘Jehova o re ntšitse Egepeta ntlong ea bokhoba ka letsoho le matla.+