23 Ha Moshe le Arone ba le Thabeng ea Hore, qetellong ea naha ea Edomo, Jehova a re ho bona: 24 “Arone o tla shoa.*+ A ke ke a kena naheng eo ke tla e fa Baiseraele hobane ka bobeli ba lona le fetohetse taelo ea ka mabapi le metsi a Meriba.+
38 Moprista Arone a nyolohela Thabeng ea Hore ka taelo ea Jehova ’me a shoela teng selemong sa bo40 ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe naheng ea Egepeta, ka khoeli ea bohlano, ka letsatsi la pele la khoeli.+