Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 ke tla le nesetsa pula ka nako ea eona+ ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona+ le lifate tsa naha li fane ka litholoana tsa tsona.

  • Deuteronoma 8:7-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova Molimo oa lona o le tlisa naheng e ntle,+ naha ea melapo ea metsi* le liliba* tse phallang thoteng le lithabeng, 8 naha ea koro le harese, ea lirapa tsa morara, lifate tsa feie* le likharenate,+ naha ea oli ea mohloaare le mahe a linotši,+ 9 naha eo lijo li ke keng tsa haella le moo le ke keng la haelloa ke letho, naha eo majoe a eona e leng a tšepe le eo lithabeng tsa eona le tla rafa koporo.

  • Deuteronoma 28:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova o tla le bulela ntlo ea hae e tletseng ea polokelo e leng maholimo, ho fa naha ea lona pula ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa lintho tsohle tseo le li etsang. Le tla alima lichaba tse ngata chelete ea lona le hoja ho ke ke ha hlokahala hore le alime letho ho tsona.+

  • Jeremia 14:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Har’a melimo* ea lichaba e se nang thuso, na o teng o ka nesang pula

      Kapa na maholimo a ka fana ka lipula ka boona?

      Jehova Molimo oa rona, na ha se uena feela ea ka etsang joalo?+

      Re u tšepile

      Hobane ke uena feela ea entseng lintho tsena tsohle.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela