Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Hape le keteke Mokete oa Kotulo* ea lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa mesebetsi ea lona, tsa seo le se jetseng masimong.+ Ha selemo se fela le keteke Mokete oa ho Bokella,* ha le bokella lintho tseo le li jetseng masimong.+

  • Levitike 23:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 “Bolella Baiseraele ho re, ‘Ka letsatsi la bo15 khoeling ena ea bosupa ke Mokete oa Maphephe* oa Jehova ka matsatsi a supileng.+

  • Numere 29:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka letsatsi la bo15 la khoeli ea bosupa le tšoare kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima ’me le etsetse Jehova mokete ka matsatsi a supileng.+

  • Deuteronoma 31:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Moshe a ba laela a re: “Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, ka nako e behiloeng ea selemo sa tokollo,+ nakong ea Mokete oa Maphephe,*+ 11 ha Baiseraele bohle ba tla ka pel’a Jehova+ Molimo oa lona sebakeng seo a se khethang, le ba balle Molao ona e le hore ba o utloe.+

  • Johanne 7:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Empa Bajuda ba ne ba le haufi le ho keteka Mokete oa Litabernakele.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela