20 Jehova a re ho Arone: “U ke ke oa ba le lefa naheng ea bona ’me ha ho karolo ea naha ea bona eo e tla ba ea hao.+ Ke ’na karolo ea hao le lefa la hao har’a Baiseraele.+
24 Lefa leo ke le fileng Balevi ke karolo ea leshome eo batho ba Iseraele ba faneng ka eona, eo ba tla e fa Jehova. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bona, ‘Ha baa lokela ho ba le lefa har’a Baiseraele.’”+
9 Ke ka lebaka leo Levi a sa fuoang kabelo kapa lefa joaloka bana babo. Jehova ke lefa la hae feela joalokaha Jehova Molimo oa lona a ne a mo boleletse.+
14 Ke leloko la Balevi feela leo a sa kang a le fa lefa.+ Linyehelo tse chesetsoang Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona+ feela joalokaha a ba tšepisitse.+
13 Na ha le tsebe hore banna ba sebetsang tempeleng ba ja lintho tseo batho ba li tlisang tempeleng le hore ba sebetsang aletareng ba fumana karolo ea lintho tse nyeheloang aletareng?+