Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 13:1-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Haeba ho hlaha moprofeta har’a lona kapa motho ea bolelang liketsahalo esale pele ka litoro ’me a le fa pontšo kapa limakatso 2 ’me pontšo kapa limakatso tseo a le boleletseng tsona li phethahala ’me a re, ‘A re lateleng melimo e meng,’ melimo eo le sa kang la e tseba ‘ ’me re e sebeletse,’ 3 le se ke la mamela mantsoe a moprofeta eo kapa a molori eo+ hobane Jehova Molimo oa lona oa le leka+ e le hore a tsebe hore na le rata Jehova Molimo oa lona ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle.+ 4 Le latele Jehova Molimo oa lona, le mo tšabe, le boloke litaelo tsa hae, le mamele lentsoe la hae, ke eena eo le lokelang ho mo sebeletsa ’me le mo khomarele.+ 5 Empa moprofeta eo kapa molori eo a bolaoe+ hobane o le khothalelitse hore le fetohele Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ’me a le lopolla ntlong ea bokhoba, ho le khelosa tseleng eo Jehova Molimo oa lona a le laetseng hore le tsamaee ho eona. Le tlose se sebe har’a lona.+

  • Jeremia 28:11-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Moprofeta Hanania a re ka pel’a sechaba sohle: “Jehova o re: ‘Joko eo Nebukadnezare morena oa Babilona a e behileng molaleng oa lichaba tsohle, ke tla e roba ka tsela ena, pele lilemo tse peli li fela.’”+ Eaba moprofeta Jeremia oa itsamaela.

      12 Ka mor’a hore moprofeta Hanania a robe joko molaleng oa moprofeta Jeremia, Jehova a fa Jeremia molaetsa ona o reng: 13 “E-ea, u re ho Hanania: ‘Jehova o re: “U robile lijoko tsa lepolanka+ empa sebakeng sa tsona u tla etsa lijoko tsa tšepe.” 14 Etsoe Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Ke tla beha joko ea tšepe melaleng ea lichaba tsena tsohle hore li sebeletse Morena Nebukadnezare oa Babilona ’me li tla mo sebeletsa.+ Ke tla mo fa esita le libata tsa naha.”’”+

      15 Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania:+ “Ke kopa u mamele uena Hanania! Jehova ha aa u roma empa u entse hore sechaba sena se lumele leshano.+ 16 Ka hona, Jehova o re: ‘Bona, ke tla u felisa lefatšeng. U tla shoa selemong sena hobane u khothalelitse batho hore ba fetohele Jehova.’”+

      17 Kahoo, moprofeta Hanania a shoa selemong seo, ka khoeli ea bosupa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela