Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha hobane ha ba etsa botekatse* ka ho rapela melimo ea bona ’me ba e etsetsa mahlabelo,+ ba tla le mema ebe le ja mahlabelo a bona.+

  • Deuteronoma 7:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Kaha ba tla khelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela ’me ba sebeletse melimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla le felisa ka potlako.+

  • Joshua 23:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa haeba le ka furalla Molimo la khomarela lichaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itsoakanya le tsona, 13 le tsebe hore Jehova Molimo oa lona a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena bakeng sa lona.+ Lichaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephali se le otlang ka mahlakoreng+ ’me e be meutloa ka mahlong a lona ho fihlela le felisitsoe naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.

  • Esaia 2:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Molimo, u furaletse batho ba hao, ba ntlo ea Jakobo+

      Kaha ba nkile meetlo e mengata ea Bochabela.

      Ba sebelisa boselamose+ joaloka Bafilista

      Ebile ba lula le balichaba ba bangata.

  • 1 Bakorinthe 5:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ha se hantle hore ebe le ikotla sefuba ka boemo bona. Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela?+

  • 1 Bakorinthe 15:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Le se ke la thetsoa. Ho tloaelana le batho ba fosahetseng ho senya mekhoa e metle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela