7 Ena e ne e le tloaelo ea mehleng ea pele Iseraele malebana le tokelo ea ho lopolla le ea phapanyetsano, e le ho tiisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e rekisetsanang: Monna o ne a lokela ho rola seeta sa hae+ ’me a se fe e mong. Baiseraele ba ne ba tiisa litumellano tsa bona ka tsela ena.