Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 22:21, 22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Le se ke la tšoara balichaba hampe kapa la ba hatella+ hobane le lona le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.+

      22 Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa khutsana.*+

  • Deuteronoma 10:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Hobane Jehova Molimo oa lona ke Molimo oa melimo+ le Morena oa marena, Molimo e moholo, ea matla, ea hlomphehang, ea sa tšoareng motho leha e le ofe ka leeme+ le ea sa amoheleng tjotjo. 18 O etsa hore khutsana* le mohlolohali+ ba ahloloe ka toka hape o rata molichaba,+ o mo fa lijo le liaparo.

  • Malakia 3:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Jehova oa mabotho o re: “Ke tla tla ke tl’o le ahlola ’me ka potlako ke tla ahlola baloi,+ bafebi, ba etsang likano tsa leshano,+ ba qhekellang motho ea hiriloeng,+ mohlolohali le khutsana*+ le ba hanang ho thusa* molichaba.+ Batho bana ha baa ka ba ntšaba.”

  • Jakobo 1:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Mofuta oa borapeli o hloekileng ho Molimo Ntate oa rona ke ona: Ho hlokomela likhutsana+ le bahlolohali+ ha ba e-na le mathata+ le hore motho a se ke a silafatsoa ke tsela eo batho ba sa mameleng ba phelang ka eona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela