27 Jehova o tla le hasanya har’a lichaba+ ’me ho tla phonyoha ba seng bakae+ ho lona lichabeng tseo Jehova a tla be a le leleketse ho tsona. 28 Moo le tla lokela ho sebeletsa melimo e entsoeng ke batho+ ka patsi le lejoe, melimo e ke keng ea bona kapa ea utloa kapa ea ja kapa ea fofonela.