Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Le e mamele ka hloko+ hobane le tla bontša hore le bohlale+ ebile le na le kutloisiso+ ka pel’a lichaba tse tla utloa melao ena eohle ’me li tla re, ‘Ka sebele sechaba sena se seholo ke sechaba se bohlale le se nang le kutloisiso.’+

  • Deuteronoma 8:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 le hopole hore ke Jehova Molimo oa lona ea le fang matla a hore le rue+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a se hlapanyelitseng baholo-holo ba lona joalokaha a etsa kajeno.+

  • Joshua 1:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 U be sebete ’me u be matla haholo ’me u latele Molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona. U se ke oa u kheloha, oa ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali+ e le hore u ka etsa lintho ka bohlale hohle moo u eang teng.+ 8 Buka ena ea Molao e se ke ea tloha molomong oa hao.+ U e bale ka lentsoe le tlase* bosiu le motšehare e le hore u ka etsa lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona.+ Ha u etsa joalo, seo u se etsang se tla atleha ’me u tla etsa lintho ka bohlale.+

  • 1 Marena 2:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 U mamele Jehova Molimo oa hao ka hore u tsamaee litseleng tsa hae, u mamele litaelo, melao le likhopotso tsa hae joalokaha li ngotsoe Molaong oa Moshe.+ Ha u etsa joalo, u tla atleha linthong tsohle tseo u li etsang le hohle moo u eang teng.

  • Pesaleme 103:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Empa Jehova o rata ba mo tšabang+

      Ka lerato le sa feleng

      Le litloholo tsa bona o tla li tšoara ka tsela e lokileng,+

      18 O etsa joalo ho ba bolokang selekane sa hae+

      Le ho ba ikemiselitseng ho latela litaelo tsa hae.

  • Luka 11:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Empa Jesu a re: “Che, ho thaba ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela