-
Joshua 2:17-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Banna bao ba re ho eena: “Re ke ke ra tlangoa ke letho ho phetha kano ena eo u entseng hore re hlapanye hore re tla e phetha+ 18 haeba mohlang re tl’o kena naheng ena, u sa tlama thapo ena ea khoele e khubelu fensetereng eo u re theotseng ka eona. U bokelle ntate oa hao, ’mè oa hao, bana beno le bohle ba ntlo ea ntate oa hao hore ba be le uena ka tlung.+ 19 Joale, haeba mang kapa mang a tsoela ka ntle ho ntlo ea hao, mali a hae a tla ba holim’a hlooho ea hae ’me re ke ke ra ba molato. Empa haeba mang kapa mang ea nang le uena ka tlung a ka tsoa kotsi, mali a hae a tla ba lihloohong tsa rona.
-