-
Joshua 12:7, 8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Ana ke marena a naha ao Joshua le Baiseraele ba ileng ba a hlola lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane ho tloha Baale-gade+ Khohlong ea Lebanone+ ho ea fihla Thabeng ea Halake,+ e nyolohelang Seire+ eaba Joshua o fana ka naha ea ’ona ho maloko a Iseraele e le lefa ka likarolo tsa eona.+ 8 Linaha tsena li ne li akarelletsa tse sebakeng se lithaba, Shefela, Araba, meepeng, lefeelleng le Negebe+ e leng naha ea Bahethe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse:+
-