Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 15:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Letsatsing leo, Jehova a etsa selekane le Abrame+ a re: “Ke tla fa bana* ba hao naha ena,+ ho tloha nokeng ea Egepeta ho ea nokeng e kholo ea Eufrate.+

  • Exoda 23:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ke tla beha moeli oa lona ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nokeng*+ hobane ke tla etsa hore le hlole lichaba tseo ’me le tla li leleka ka pel’a lona.+

  • Numere 34:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 “Bolella Baiseraele litaelo tsena: ‘Ha le kena naheng ea Kanana,+ le tla fuoa naha eo hammoho le meeli ea eona e le lefa.+

      3 Moeli oa lona o ka boroa o name ho tloha lefeelleng la Zine haufi le Edomo ’me moeli oa lona o ka boroa lehlakoreng le ka bochabela, o tla tloha qetellong ea Leoatle la Letsoai.*+

  • Deuteronoma 1:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Tlohang ’me le ee lithabeng tsa Baamore+ le ho baahisani bohle ba bona ba leng Araba+ lithabeng, Shefela, Negebe, lebopong la leoatle,+ naheng ea Bakanana, Lebanone*+ le ho fihlela nokeng e kholo e leng noka ea Eufrate.+

  • Joshua 15:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Naha e abetsoeng*+ leloko la Juda bakeng sa malapa a lona e ne e fihla moeling oa Edomo,+ lefeelleng la Zine ho ea qetellong e ka boroa ea Negebe.

  • Joshua 15:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Moeli oo o ne o fetela Azmone+ o fihla Khohlong* ea Egepeta+ ’me o fella Leoatleng.* Ona e ne e le moeli oa bona o ka boroa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela