Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 25:33, 34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Haeba Molevi a sa reke ntlo ea hae eo a e rekisitseng motseng oo a lulang ho oona, e tla khutlela ho eena ka Selemo sa Tokoloho+ hobane ke matlo a metse ea Balevi har’a Baiseraele.+ 34 Ho feta moo, masimo+ a potolohileng metse ea bona a se ke a rekisoa hobane ke lefa la bona la ka ho sa feleng.

  • Numere 35:2-4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 “Bolella Baiseraele hore lefeng leo ba tla le fuoa, ba fe Balevi metse eo ba ka lulang ho eona+ ’me ba fe Balevi makhulo a pota-potileng metse eo.+ 3 Ba lule metseng eo ’me makhulo e tla ba a mehlape ea bona, a thepa ea bona le a liphoofolo tsohle tsa bona. 4 Makhulo a metse ao le tla a fa Balevi e tla ba limithara tse 445* ho tloha lerakong ho pota-pota motse oohle.

  • Joshua 14:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Litloholo tsa Josefa e ne e le maloko a mabeli,+ Manase le Efraime+ ’me ha baa ka ba fa Balevi karolo naheng, haese metse+ hore ba lule ho eona le makhulo a bona bakeng sa liphoofolo tsa bona le thepa ea bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela