25 Le chese litšoantšo tsa melimo ea tsona mollong.+ Le se ke la khalla silevera le khauta e ho tsona kapa la inkela eona+ e le hore e se ke ea le tšoasa hobane ke ntho e nyonyehang ho Jehova Molimo oa lona.+
10 Ke ile ka re ho lona: “Ke ’na Jehova Molimo oa lona.+ Le se ke la tšaba melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona.”+ Empa ha lea ka la ’mamela.’”*+
6 Baiseraele ba boela ba siteloa Jehova+ ’me ba qala ho rapela melimo ea Baale,+ litšoantšo tsa Ashtorethe, melimo ea Arame,* melimo ea Sidone, melimo ea Moabe,+ melimo ea Baamone+ le melimo ea Bafilista. Ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova.+