19 Hape Moshe a nka masapo a Josefa hobane Josefa o ne a itse ho bara ba Iseraele: “Ha Molimo a le ntša naheng ena, le tsamaee le masapo a ka.”+ Josefa o ile a etsa hore ba hlapanye hore ba tla etsa joalo.
22 Josefa o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore ebe ha a le haufi le ho shoa, o ile a bua ka hore Baiseraele ba tla tsoa Egepeta ’me a fana ka taelo ea hore na ho etsoe’ng ka masapo a hae.+