Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 3:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova,+ Jehova o ile a khetha mopholosi e le hore a ba pholose+ e leng Othniele+ mora oa Kenaze, ngoan’abo Kalebe. 10 Jehova a mo fa moea oa hae o halalelang+ ’me ea e-ba moahloli oa Iseraele. Ha a ea ntoeng, Jehova a etsa hore a hlole Kushane-rishathaime morena oa Mesopotamia.*

  • Baahloli 11:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Jehova a fa Jafeta moea oa hae o halalelang+ ’me Jafeta a feta naheng ea Gileade le ea Manase ho ea naheng ea Mizpe e Gileade.+ A tloha Mizpe e Gileade a fihla ho Baamone.

  • Baahloli 13:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Hamorao mosali oa Manooa a tsoala mora ’me a mo reha Samsone.+ Ha moshanyana eo a ntse a hola, Jehova a ’na a mo hlohonolofatsa. 25 Ka mor’a nako, moea oa Jehova oa qala ho sebetsa+ ho Samsone ha a le Mahane-dane+ e pakeng tsa Zora le Eshtaole.+

  • Baahloli 14:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ A e arola likoto tse peli feela joalokaha motho a ka arola potsanyane likoto tse peli ka matsoho a hae. Empa ha aa ka a bolella batsoali ba hae seo a se entseng.

  • Baahloli 15:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ha a fihla Lehi, Bafilista ba hoeletsa ka thabo ha ba mo bona. Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ Liropo tseo ba mo tlammeng matsoho ka tsona tsa ba joaloka likhoele tsa line tse chesitsoeng eaba lia fasoloha.+

  • Zakaria 4:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 La re ho ’na: “Jehova o re ho Zorobabele: ‘“Lintho tsena tsohle li ke ke tsa etsahala ka lebotho la sesole kapa ka matla a batho+ empa li tla etsahala ka moea oa ka,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela