-
1 Samuele 27:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Davida ha aa ka a tlohela monna kapa mosali leha e le ofe hore a phele ’me a tlisoe Gathe hobane o ne a re: “E le hore ba se ke ba ba bolella ka rona ’me ba re, ‘Davida o entse tjena.’” (O ne a tloaetse ho etsa joalo ka nako eohle eo ka eona a lutseng libakeng tse ka thoko tsa Bafilista.) 12 Kahoo, Akishe a kholoa Davida ’me a re ka pelong: “Batho ba habo ba Iseraele ba mo hloile. Kahoo, o tla lula e le lekhoba la ka.”
-