Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 7:24-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Joale Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane+ mora oa Zera hammoho le silevera, seaparo se khethehileng le setene sa khauta+ le bara ba hae, barali ba hae, likhomo tsa hae, litonki tsa hae, mehlape ea hae ea linku le lipoli, tente ea hae le lintho tsohle tsa hae ’me ba li isa Khohlong* ea Akore.+ 25 Joshua a re: “Ke hobane’ng ha u re tliselitse tlokotsi?*+ Le uena Jehova o tla u tlisetsa tlokotsi letsatsing lena.” Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majoe.+ Ka mor’a moo, ba ba chesa ka mollo.+ Ba ile ba ba bolaea kaofela ka ho ba tlepetsa ka majoe. 26 Ba etsa qubu e kholo ea majoe holim’a hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena. Eaba bohale ba Jehova boa kokobela.+ Ke ka lebaka leo sebaka seo se bitsoang Khohlo ea Akore* ho fihlela letsatsing lena.

  • 2 Samuele 24:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Davida a hahela Jehova aletare+ moo ’me a nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng. Eaba Jehova o araba kopo ea Davida bakeng sa sechaba+ ’me a felisa kotlo ea Iseraele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela