Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 2:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Bara ba bararo ba Tseruja+ ba ne ba le moo e leng Joabe,+ Abishai+ le Asahele.+ Asahele o ne a le lebelo joaloka tšephe e mathang tšimong.

  • 2 Samuele 2:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Empa a ’na a mo lelekisa. Kahoo, Abnere a mo hlaba ka lerumo+ mpeng ’me la hlahella ka nģ’ane eaba o oela moo ’me o shoella hona teng. Motho e mong le e mong ea neng a tla sebakeng seo Asahele a shoeletseng ho sona o ne a ema hanyenyane ha a fihla moo.

  • 1 Likronike 2:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ozeme e le oa botšelela ’me Davida+ e le oa bosupa. 16 Likhaitseli tsa bona e ne e le Tseruja le Abigaile.+ Bara ba Tseruja ba ne ba le bararo, e le Abishai,+ Joabe+ le Asahele.+

  • 1 Likronike 27:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ena ke palo ea Baiseraele, lihlooho tsa malapa a habo ntate, balaoli ba ba likete le ba ba makholo+ le balaoli ba bona ba neng ba sebeletsa morena+ tabeng e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le lihlopha tse neng li chenchana* ka likhoeli selemo kaofela. Sehlopheng ka seng e ne e le ba 24 000.

  • 1 Likronike 27:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Mookameli oa bone bakeng sa khoeli ea bone e ne e le Asahele+ ngoan’abo Joabe+ le mora oa hae Zebadia ka mor’a hae ’me sehlopheng sa hae ho e-na le ba 24 000.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela