Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+

  • 2 Samuele 7:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla busa ka ho sa feleng le terone ea hao e tla tiisoa ka ho sa feleng.”’”+

  • 1 Marena 8:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Jehova Molimo oa Iseraele, phethahatsa tšepiso eo u e entseng ho ntate oa ka Davida ha u ne u re: ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea tla lula teroneng ea Iseraele haeba feela bara ba hao ba ka lula ba ntšepahalla joaloka uena.’+

  • 1 Likronike 17:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha u shoa ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore baneng* ba hao, e mong oa bara ba hao+ e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+

  • Pesaleme 132:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jehova o hlapanyelitse Davida.

      A ke ke a koenehela seo a se buileng, ha a ne a re:

      “Ke tla beha e mong oa litloholo tsa hao

      Teroneng ea hao.+

      12 Haeba bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka

      Le melao eo ke ba rutang eona,+

      Bara ba bona le bona

      Ba tla lula teroneng ea hao ka ho sa feleng.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela