Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape,+ ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+

  • 2 Samuele 7:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+

  • Pesaleme 89:33-37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Empa ke tla lula ke mo rata+

      Ebile ke tla etsa seo ke mo tšepisitseng sona.

      34 Nke ke ka koenehela selekane sa ka+

      Kapa ka fetola seo ke se buileng ka molomo oa ka.+

      35 Kaha kea halalela, ke ikanne hanngoe feela.

      Nke ke ka bolella Davida leshano.+

      36 Litloholo* tsa hae li tla ba teng ka ho sa feleng.+

      ’Muso oa hae o tla lula o le teng joaloka letsatsi ka pel’a ka.+

      37 O tla lula o le teng ka ho sa feleng

      Feela joalokaha khoeli e lula e le teng* maholimong.” (Selah)

  • Esaia 37:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ke tla sireletsa motse+ ona ’me ke o pholose ka lebaka la lebitso la ka+

      Le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.’”+

  • Jeremia 33:20, 21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 “ ’Na Jehova ke re: ‘Haeba le ka senya selekane seo ke se entseng le letsatsi kapa selekane seo ke se entseng le bosiu, la etsa hore bosiu le motšehare li se hlole li e-ba teng ka nako ea tsona,+ 21 ke mohla selekane sa ka le mohlanka oa ka Davida se ka felang+ eaba ha a be le mora ea busang e le morena teroneng ea hae.+ Hape ke mohla selekane sa ka le baprista ba Balevi e leng basebeletsi ba ka se ka felang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela