8 Haeba seterekeng sa heno u bona bafutsana ba hatelloa, u bona toka le ho loka li le sieo, taba eo e se ke ea u makatsa.+ Etsoe ofisiri eo e phahameng e ntse e shebiloe ke ea e phahametseng le ho feta ’me ho na le ba bang ba phahametseng bao.
14 Ho na le ntho e ’ngoe e se nang thuso* e etsahalang lefatšeng: Ho na le batho ba lokileng ba tšoaroang joalokaha eka ba entse bokhopo+ ’me ho na le batho ba khopo ba tšoaroang joalokaha eka ba entse lintho tse lokileng.+ Ke re hoo le hona ke lefeela.