Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 9:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Mang kapa mang ea bolaeang motho* le eena o tla bolaoa+ hobane Molimo o entse motho a tšoana le eena.+

  • Exoda 21:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Haeba motho a halefela oa habo haholo ’me a mo bolaea ka boomo,+ motho eo o lokela ho shoa le haeba taba eo e bolela hore le lokela ho mo tlosa aletareng ea ka.+

  • Numere 35:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Le se ke la silafatsa naha eo le lulang ho eona hobane mali a silafatsa naha.+ Ho ke ke ha e-ba le tšoarelo ea libe bakeng sa mali a tšollotsoeng holim’a naha, ntle le ka mali a ea a tšollotseng.+

  • Deuteronoma 19:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Le* se ke la utloela motho eo bohloko hobane haeba le sa mo bolaee, Iseraele e tla ba le molato oa mali+ ’me le ke ke la atleha.

  • 1 Marena 2:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Hape u tseba seo Joabe mora oa Tseruja a nkentseng sona le seo a se entseng balaoli ba babeli ba masole a Iseraele e leng Abnere+ mora oa Nere le Amasa+ mora oa Jethere. O ile a ba bolaea+ nakong eo ho neng ho e-na le khotso, a tšela lebanta la hae leo a neng a le tlamme thekeng le lieta* tsa hae ka mali.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela