-
1 Marena 21:19-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 U re ho eena, ‘Jehova o re: “Na u bolaile motho+ ebile u nkile serapa sa hae?”’+ Hape u re ho eena, ‘Jehova o re: “Lintja li tla noa mali a hao sebakeng seo li noeleng mali a Nabothe ho sona.”’”+
20 Akabe a re ho Elia: “U mphumane sera sa ka!”+ Elia a re: “Ke u fumane. ‘Kaha u ikemiselitse ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova,+ 21 ke u tlisetsa mathata. Ke tla u bolaea ke be ke bolaee le banna bohle* ba tsoang lelapeng la hao,+ ho akarelletsa le motho ea se nang thuso le ea se nang matla Iseraele.+ 22 Ke tla etsa hore lelapa la hao le be joaloka lelapa la Jeroboame+ mora oa Nebate le lelapa la Basha+ mora oa Akija kaha u nkhalefisitse ’me u entse le hore Baiseraele ba etse sebe.’ 23 Hape Jehova o itse ka Jezebele: ‘Lintja li tla ja Jezebele tšimong ea Jezriele.+ 24 Mang kapa mang oa lelapa la Akabe ea shoellang motseng o tla jeoa ke lintja ’me mang kapa mang ea shoellang tšimong o tla jeoa ke linonyana.+
-