Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 25:20-24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Amazia ha aa ka a mamela+ hobane Molimo oa ’nete o ne a batla hore ho be joalo e le hore ba hloloe ke sera sa bona+ kaha ba ne ba latetse melimo ea Edomo.+ 21 Morena Joase oa Iseraele a ea ho morena Amazia oa Juda ’me ba loantšana ba le Bethe-shemeshe+ ea Juda. 22 Baiseraele ba hlola Bajuda ’me masole a Bajuda a balehela malapeng a ’ona. 23 Morena Joase oa Iseraele a hapa morena Amazia oa Juda setloholo sa Joakaze Bethe-shemeshe. A mo tlisa Jerusalema ’me a liha lebota la Jerusalema ho tloha Keiting ea Efraime+ ho ea Keiting e K’honeng.+ E ne e le sebaka se boholo ba limithara tse ka bang 178. 24 A nka khauta le silevera eohle le lintho tsohle tse neng li le ka tlung ea Molimo oa ’nete ho Obede-Edomo le matlotlong a ntlo ea morena+ hammoho le batšoaruoa. Ka mor’a moo a khutlela Samaria.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela