-
2 Likronike 24:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Batho ba tlohela ntlo ea Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba sebeletsa lipalo tse halalelang le litšoantšo tse rapeloang eaba Molimo o halefela baahi ba Juda le Jerusalema ka lebaka la sebe sa bona. 19 Jehova a ’na a romela baprofeta ho bona hore ba khutlele ho eena ’me ba ’na ba ba lemosa empa ha baa ka ba mamela.+
-
-
2 Likronike 36:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.
-