Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 12:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Morena Joase oa Juda a nka linyehelo tsohle tse halalelang tseo moholo-holo oa hae Josafate, Jorame le ntate oa hae Akazia e leng marena a Juda ba neng ba fane* ka tsona. A boela a nka linyehelo tsa hae tse halalelang le khauta eohle e neng e le ka matlotlong a ntlo ea Jehova le ka tlung ea morena,* a li romela ho Hazaele morena oa Siria.+ Ka lebaka leo, Hazaele a se ke a hlasela Jerusalema.

  • 2 Marena 16:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Akaze a nka silevera le khauta tse neng li le ka tlung ea Jehova le ka matlotlong a ntlo ea morena* eaba o li romela ho morena oa Asiria e le tjotjo.+

  • 2 Likronike 16:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Asa a ntša silevera le khauta matlotlong a ntlo ea Jehova+ le a ntlo ea morena, a li romela ho Morena Ben-hadade oa Siria+ ea neng a lula Damaseka a re: 3 “Ke entse selekane le uena joalokaha ntate oa ka a ne a se entse le ntate oa hao. Ke u romella silevera le khauta. Tloo ’me u khaole selekane sa hao le Morena Basha oa Iseraele e le hore a ka ntlohela.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela