Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 32:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 “Morena Sankeribe oa Asiria o re, ‘Le tšepile’ng ha e le moo le ntse le lutse Jerusalema le hoja re e lika-likelitse?+

  • Esaia 36:4-10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Kahoo, Rabshake a re ho bona: “Ke kopa le re ho Ezekiase, ‘Morena e moholo, morena oa Asiria o re: “U tšepile’ng?+ 5 U ipoleletse hore u na le leqheka le matla a ho loana empa mantsoe ao ha a na thuso. Ebe u tšepile mang ha u le sebete sa ho mphetohela tjee?+ 6 U tšepile hore u tla itšetleha ka Egepeta, lehlaka le robehileng, le ka hlabang la ba la phunya seatla sa motho ea ka itšetlehang ka lona. Faro morena oa Egepeta, o joalo ho bohle ba mo tšepang.+ 7 Haeba u re le tšepile Jehova Molimo oa lona, na ha se uena Ezekiase ea ileng a tlosa libaka tse phahameng le lialetare+ tsa hae eaba u re batho ba Juda le ba Jerusalema ba khumame ka pel’a aletare e Jerusalema?”’+ 8 Joale ke kopa u etse tumellano ena le khosi ea ka morena oa Asiria:+ Ke tla u fa lipere tse 2 000 haeba u ka li fumanela bapalami. 9 Le hoja Egepeta e ka le fa likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere, le ke ke la hlola esita le letona la boemo bo tlase la morena oa rona. 10 Na u nahana hore ke hlasetse naha ee ntle ho tumello ea Jehova? Jehova ke eena ea itseng ke hlasele naha ena ’me ke e felise.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela