14 Empa joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Jehova o tla fumana monna ea mo khahlisang+ ’me Jehova o tla mo etsa moeta-pele oa batho ba hae+ hobane ha oa mamela taelo ea Jehova.”+
27 Ha Samuele a furalla a tsamaea, Saule a tšoara lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho sa Samuele empa sa taboha. 28 Eaba Samuele o re ho eena: “Kajeno Jehova o u amohile ’muso oa Iseraele ’me o tla u fa motho e mong ea molemo ho u feta.+
3 Baholo bohle ba Iseraele ba tla Hebrone ho morena ’me Morena Davida a etsa selekane le bona+ Hebrone ka pel’a Jehova. Eaba ba tlotsa Davida hore e be morena oa Iseraele.+