47 Saule a busa libaka tsohle tsa Iseraele ’me a loantša lira tsohle tsa hae tse ka mahlakoreng ’ohle. A loantša Bamoabe,+ Baamone,+ Baedomo,+ marena a Zoba+ le Bafilista.+ Hohle moo a neng a ea teng o ne a hlola.
6 Ka mor’a nako, Baamone ba bona hore Davida o ba hloile eaba ba romela Basiria bao ba ba hirileng ba Bethe-rehobe+ le Basiria ba Zoba.+ E ne e le masole a 20 000 a tsamaeang ka maoto, banna ba 1 000 ba tsamaeang le morena oa Maaka+ hammoho le banna ba 12 000 ba tsoang Ishtobe.+
Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “Palesa* ea Khopotso.” Miktame.* Pesaleme ea Davida. Bakeng sa ho ruta. Ha a ne a loana le Arame-naharaime le Arame-Zoba ’me Joabe a khutla ho tla bolaea Baedomo ba 12 000 Khohlong ea Letsoai.+