-
2 Samuele 8:9-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Morena Toi oa Hamathe+ a utloa hore Davida o ne a hlotse masole ’ohle a Hadadezere.+ 10 Toi a romela mora oa hae Jorame ho Morena Davida hore a e’o utloa hore na o ntse a ea joang le ho mo lebohisa hobane o ne a loantšitse Hadadezere ’me a mo hlotse (kaha Hadadezere o ne a lula a loantša Toi). Hape o ile a mo tlisetsa lintho tsa silevera, tsa khauta le tsa koporo. 11 Morena Davida a nehelana ka* lintho tsena ho Jehova feela joalokaha a ne a nehelane ka silevera le khauta tse tsoang lichabeng tse ling tsohle tseo a neng a li hlotse:+
-