Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 8:15-18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Davida a ’na a busa Iseraele eohle,+ a ahlola sechaba sohle+ ka toka le ka ho loka.+ 16 Joabe+ mora oa Tseruja o ne a okametse masole ’me Josafate+ mora oa Akilude e le motlalehi. 17 Tsadoke+ mora oa Akitube le Akimeleke mora oa Abiathare e ne e le baprista ’me Seraia e le mongoli. 18 Benaia+ mora oa Jehojada o ne a okametse Bakerethe le Bapelethe.+ Bara ba Davida ea e-ba baeta-pele* ba ka sehloohong.

  • 2 Samuele 23:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Molimo oa Iseraele o buile,

      Ho ’na lefika la Iseraele+ le itse:

      ‘Ha ea busang batho a lokile,+

      A busa ka ho tšaba Molimo,+

       4 Ho joaloka leseli la hoseng ha letsatsi le chaba,+

      Hoseng ho se nang maru.

      Ho joaloka khanya ha pula e qeta ho na,

      E etsang hore joang bo mele lefatšeng.’+

  • Pesaleme 78:70-72
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 70 A khetha Davida+ mohlanka oa hae

      Eaba o mo tlosa masakeng a linku,+

      71 Hore a se ke a hlola a hlokomela linku tse anyesang.

      A mo etsa molisa oa Jakobo e leng sechaba sa hae+

      Le oa Iseraele e leng lefa la hae.+

      72 O ile a ba lisa ka botšepehi,+

      A ba tataisa ka boiphihlelo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela