-
2 Samuele 8:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Morena Davida a nehelana ka* lintho tsena ho Jehova feela joalokaha a ne a nehelane ka silevera le khauta tse tsoang lichabeng tse ling tsohle tseo a neng a li hlotse:+ 12 Tse tsoang ho Siria le ho Moabe,+ Baamone, Bafilista,+ Baamaleke+ le thepeng e hapuoeng ho Hadadezere+ mora oa Rehobe morena oa Zoba.
-
-
2 Samuele 12:30, 31Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Ka mor’a moo, a nka korone e neng e le hloohong ea Malkame.* Boima ba korone eo bo ne bo lekana le ba khauta e ka etsang lik’hilokramo tse 34,* e bile e e-na le majoe a bohlokoa eaba e behoa hloohong ea Davida. O ile a boela a nka thepa e ngata eo a e hapileng+ motseng oo.+ 31 A ntša batho ba neng ba le motseng oo ’me a ba fa mosebetsi oa ho betla majoe, oa ho sebetsa ka lisebelisoa tse bohale tsa tšepe, lilepe tsa tšepe le oa ho etsa litene. O ile a etsa sena metseng eohle ea Baamone. Qetellong Davida le masole ’ohle ba khutlela Jerusalema.
-