-
2 Samuele 24:10-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Empa Davida a otloa ke letsoalo*+ ka mor’a hore a bale batho. Eaba Davida o re ho Jehova: “Ke entse sebe+ se seholo ka ho etsa ntho ena. Jehova ke kopa u ntšoarele+ hobane ke entse ka booatla.”+ 11 Ha Davida a tsoha hoseng, Jehova a re ho moprofeta Gade+ ea bonang lipono bakeng sa Davida: 12 “Tsamaea ’me u re ho Davida, ‘Jehova o re: “Ke u fa likotlo tse tharo. Ikhethele eo u e batlang.”’”+ 13 Gade a tla ho Davida a re ho eena: “Na ho tle lilemo tse supileng tsa tlala naheng ea hao?+ Kapa u qete likhoeli tse tharo u baleha u lelekisoa ke lira tsa hao?+ Kapa na ho be le lefu la seoa naheng ea hao ka matsatsi a mararo?+ Joale inahane hantle ’me u tle u mpolelle hore na ke re’ng ho ea nthomileng.” 14 Davida a re ho Gade: “Ke tšoenyehile haholo. Re kopa hore re se ke ra fuoa kotlo ke motho empa e be Jehova ea re fang kotlo+ hobane eena o mohau haholo.”+
-